12/06/2024
LERATO LE SEFOFU part 79
Lentsoe: Malitaba o seke oa leka oa etsa seo o ntseng o serera litaba moo a teng o bolokehile
Ha o ka leka oa motsoma o tlo qeta ka wena hoba hona le seo a ntse a serera e ne ha oka kena bophelong ba hae o tlo mositisa e be o bolaea wena ngoana oa hau ke mo ikhohomisa e bile ha a satla loka lekhale,motlohelle a utloe bohloko Pele
O tlo fetoha ka mora h**e a u tloe bohloko e tsoe sethoto se hlalefa ke ho utloa bohloko, ebile Hale fahloe habeli
Malitaba moo a reng oa araba motho eo o ile a nyamela eaba Malitaba o re hlasi a fumana h**e o ntse a Lora o ile a Lula ka litono betheng joale a nahanisisa taba tsena,o ile a utloa asa utloisisi
Empa a khumama a rapela a kopa ntate molimo h**e a mpe a fetole bophelo ba Litaba
O ne a tloile bohloko a bona e ka ha a etsa karolo ea hae ea botsoali ea ho khalema ngoana oa hae a sa lutse joalo a touta o ile a ba a fihleloa ke boroko a khaleha ho Luma likobo
O ile a tsoha e se e le mesong a tsosoa ke serame
Litaba hoseng o ile a tsoha a hlapa a ba motle ha a qeta a lo kokotela Mamorena
Mamorena: haibo!! Hoseng hakale o tatetseng
Ha Kore ke qetele ho hlapa Pele ntse kele ka metsing
Mamorena e se h**e o ne a bona ele hoseng o ne a batla h**e ha litaba a tsooa le na a be a tloha
Litaba : o ea mme,ketla u emela
Litaba o ile a leba phapusing ea hae ka pelo e bohloko
Mamorena le Morena ba Sala ba tsheha
Mamorena o ile a hlapa a qeta eaba he o fa Litaba chetele
Litaba: ke kalima mohala oa hao kelo nka liphoto nyana ,
Mamorena o ile a Sheba Morena ka lephekhe Morena oma ka hloho litaba a sa ba bone a nto Neha litaba mohala
Litaba o ile a leba bo emelong ba likoloi hang koloi eabe ese e fihla
Mamorena Le e na a kena ho ea hae a Sala lephele morao