26/10/2023
Lebenkele le rekisang thepa e entsoeng Lesotho, MILCO, le se le butsoe Sefika Complex, Maseru. Haeba u le mohlahisi, re ntse re amohela thepa MILCO. Le ho ba setho ho amohelehile ka li nako tsohle.
______
Tobetsa mona ho ba setho sa MILCO https://www.milco.co.ls/Member_register/
WhatsApp: +266 58921648
MILCO e hahiloe ka tšehetso e matla ea STANLIB Lesotho, e faneng ka M101 000,00 ea kaho ea lebenkele, le liabo tsa khoeli le khoeli tsa litho tsa koporasi ena. MILCO e boetse e tšehelitsoe ka lichelete ke BEDCO, Revenue Services Lesotho le Standard Lesotho Bank, e leng chelete e kaalo ka M216 000.00 eo MILCO e e hapileng tlholisanong ea Bacha Entreprenuership (BEP) maqalong a selemo sena.
Lebenkele la pele le Sefika shopping complex pela Spetzos Pizza. MILCO e tla ba le mabenkele a mang literekeng tse ling tse robong tsa Lesotho.
Tobetsa mona ho ba setho sa MILCO https://www.milco.co.ls/Member_register/
MILCO ke lebenkele le tl'o rekisa lihlahisoa le litšebeletso tsa Lesotho FEELA ! Lebenkele le thehiloe le ho holisoa ke setsi sa boqapi le kholiso ea likhoebo Sekolong se Seholo sa Sechaba, National University of Lesotho (NUL) Innovation Hub. Lebenkele la pele Sefika Shopping Complex Maseru.
MILCO ke koporasi e ngolisitsoeng ka molao Lekaleng la Likhoebo tse ‘Nyane, Likoporasi le Limmaraka, ‘me nomoro ea eona ea ngoliso ke A010318, ha nomoro ea Trader’s license ele A2023/5353.
Lebenkele le tla sebetsa ka tsela tse ‘ne: (1) Lebenkele le tloaelehileng , (2) Sethala sa ho rekisa ka marang-rang (3) Holeseile (4) Sethala sa ho bapatsa lihlahisoa tsa Lesotho.
1. U KA BA SETHO SA MILCO JOANG?
a) Lefa M100.00 (M50.00 ke ea ngoliso ea Lebitso. M50.00 e 'ngoe ke share ea hau ea pele) ho account e latelang ea banka:
Lebitso la account: Made In Lesotho Retail Cooperative Society Ltd
Lebitso la Banka ea MILCO: Standard Lesotho Bank
Nomoro ea account: 9080008250096
E buletsoe: Roma
KA KOPO, NGOLA MABITSO A HAO KA BOTLALO HO REFERENCE
b) Kamora ho lefa, kenya linepe tsa hau tse nkuoeng ka fono tsa (i) National ID kapa passport (ii) Bopaki ba Tefo (rasiti eo u e fuoeng banking), oebosaeteng ena https://www.milco.co.ls/Member_register/
c) Ela Hloko h**e setho ka seng se lebeletsoe ho reka seabo bonyane se le seng ka khoeli. Mohlala, M50.00 e u fa seabo se le seng khoeli le khoeli (M100.00, tse peli, M150.00, tse tharo, M500.00, tse leshome joalo-joalo).
U tla khetha h**e na u reka liabo tse kae ha u ntse u ngolisa.
2. KE MANG EA KA BANG SETHO?
a) U lokela ho ba moahi oa Lesotho ea lilemo tse ka holimo ho 15 ea phelang Lesotho kapa naheng efe kapa efe lefatšeng, (ela hloko h**e molao o tsamaisang Likoporasi ka hare ho naha o lumella baahi ba Lesotho feela ho ba litho). Bana ba ka kena MILCO ka batsoali ba bona ha feela ba e-na le li-ID tse sebetsang ba bile ba le kaholimo ho lilemo tse 15.
b) U lokela ho ba le account ea banka libankeng life kapa life tse ngolisitsoeng Lesotho. Seabo sa hao se tla ntšoa accounteng ea hao hang ka khoeli. Litefiso tsa banka tsa ho hula li tla kenyeletsoa ha u huleloa khoeli le khoeli. (M15.79, bakeng sa basebelisi ba Standard Bank). Re ntse re lokisetsa mekhoa e meng ea ho lefa bakeng sa ba lakatsang ho sebelisa mekhoa e meng.
3. KE HOBANE'NG HA HO REKOA LIABO KHOELI LE KHOELI?
MILCO e tla theha mabenkele naheng ka bophara – Literekeng tse leshome tsa Lesotho. Theko e tsoelang pele ea liabo e tla netefatsa h**e ho na le chelete e lekaneng bakeng sa katoloso ea khaho ea mabenkele a mang literekeng tse ling tsa Lesotho.
4. MILCO E TLA SEBETSA JOANG?
a) E tla khoboanya lihlahisoa le litšebeletso tsohle tsa Lesotho sebakeng se le seng seterekeng se seng le se seng sa Lesotho le linaheng tse ling.
b) E tla fa lihlahisoa le litšebeletso tsa Lesotho tlhokomelo e li lokelang ho fihlela li fumana kananelo ka ho li sireletsaha khahlanong le tlholisano ea lihlaisoa tsa kantle ho nana lebenkeleng la MILCO.
c) Butle-butle MILCO e tla thusa bahlahisi ho hlahisa lihlahisoa tsa boleng le ho ba thusa ho rekisa ka tsela e nepahetseng. Bahlahisi ba Lesotho ha ba sa tla bitsoa boitšokoli, empa e tla ba bahlahisi ba boemo bo phahameng.
d) E tla fana ka tsela ea ho tsamaisa thepa ea Basotho ho e isa moo e lokelang ho ea teng ha ho khoneha.
e) E tla ba tsela eo Basotho ba rekisang lihlahisoa tsa bona kantle ho naha. Ho ba le MILCO Johannesburg, ho bolela h**e lihlahisoa tsa Lesotho li tla rekisoa Johannesburg.
5. LITHO LI FUMANA MELEMO EFE?
a) Litho li ba le liabo lebenkeleng. Chelete ea seabo eo u e kenyang e tla amana le palo ea matlotlo (dividends) ao u tla a thola hang ha MILCO e qala ho aba matlotlo.
b) Lekhetlo la pele, u tla ba le monyetla oa ho rekisa lihlahisoa kapa litšebeletso tsa hau lebenkeleng le rekisang FEELA lihlahisoa tsa Lesotho- lebenkele leo e leng la hao. Sehlahisoa sa hao se qothisana lehlokoa le lihlahisoa tsa Lesotho FEELA ka hare ho MILCO.
6. MILCO E FAPANA JOANG LE MABENKELE A MANG?
a) E ke ke ea bua feela ka ho rekisa lihlahisoa le litšebeletso tsa Lesotho. E tl'o etsa h**e lihlahisoa le litšebeletso tsa Lesotho li khahleha ho bareki.
b) Theknoloji ke bophelo ba rona. Re sebelisa theknoloji ka ho fetisisa.
c) Joaloka karolo ea NUL Innovation Hub, re lula re susumetsoa ke boqapi. Kamehla re leka ho hlahisa mekhoa e molemonyana ea ho etsa lintho.
E! lekhetlo la pele, u tla bona h**e, ka ‘nete, Lesotho le ka ba le lihlahisoa le litšebeletso tsa lona tse khahlehang ha u li bona kaofela sebakeng se le seng.